4. Leme le thabisangke fate sa bophelo,empa le thetsangle senya pelo ya motho.
5. Sethoto se nyedisathuto ya ntata sona,athe ya ratang kgalemoyena o a hlalefa.
6. Ka tlung ya ya lokilengleruo le teng,empa ya kgopoleruo le mmakela ditsietsi.
7. Molomo wa ya bohlale o jala tsebo,pelo ya ya sethoto yona e mpe.
8. Mahlabelo a ya kgopoke manyala ho Morena,empa thapelo ya ya lokilenge a mo kgahla.
9. Ditsela tsa ya kgopoke manyala ho Morena,ya labalabelang ho lokayena o a mo rata.
10. Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo,ya hloileng kgalemo yena o tla timela.
11. Morena o tsebatse ka Nqalong ya Bafu,le tse ka ho ya Timelo o a di tseba,a ka sitwa keng ho tsebamakunutu a batho?
12. Mosomi yena o hloile kgalemo,le ho ba bohlalea ke ke a batla keletso.
13. Pelo ha e thabilesefahleho se kganya kgotso,empa ha e hlomohilemotho o utlwa bohloko.
14. Ya nang le kutlwisisoo labalabela tsebo,athe dithoto tsonadi labalabela bothoto.
15. Ya tshwenngwango phela habohloko ka nako tsohle,ya thabilengyena o keteka kamehla.
16. Sejosenyane se molemoha o tshaba Morena,ho ena le maruoa o bakelang ditsietsi.