Maele 15:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ya arabang ka boikokobetsoo tima kgalefo,empa polelo e kgahlapetsange baka bohale.

2. Leme la ya bohlalele ratisa batho tsebo,empa molomo wa sethotoo kopotsa bothoto.

3. Mahlo a Modimo a bona kahohle,a disa ba kgopo le ba lokileng.

4. Leme le thabisangke fate sa bophelo,empa le thetsangle senya pelo ya motho.

5. Sethoto se nyedisathuto ya ntata sona,athe ya ratang kgalemoyena o a hlalefa.

6. Ka tlung ya ya lokilengleruo le teng,empa ya kgopoleruo le mmakela ditsietsi.

7. Molomo wa ya bohlale o jala tsebo,pelo ya ya sethoto yona e mpe.

8. Mahlabelo a ya kgopoke manyala ho Morena,empa thapelo ya ya lokilenge a mo kgahla.

9. Ditsela tsa ya kgopoke manyala ho Morena,ya labalabelang ho lokayena o a mo rata.

10. Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo,ya hloileng kgalemo yena o tla timela.

11. Morena o tsebatse ka Nqalong ya Bafu,le tse ka ho ya Timelo o a di tseba,a ka sitwa keng ho tsebamakunutu a batho?

12. Mosomi yena o hloile kgalemo,le ho ba bohlalea ke ke a batla keletso.

13. Pelo ha e thabilesefahleho se kganya kgotso,empa ha e hlomohilemotho o utlwa bohloko.

Maele 15