Maele 14:25-34 BIBELE (SSO89SO)

25. Paki ya nnete e pholosa batho,athe ya bohata yona e bua leshano.

26. Ya tshabang Morenao na le qhobosheane,bana ba hae ba fumana setshabelo.

27. Ho tshaba Morenake sediba sa bophelo.ya mo tshabango phema maraba a lefu.

28. Tlotla ya kgosike ho busa tjhaba se le sengata,athe kgosanae timela ke ho hloka setjhaba.

29. Ya diehang ho halefao na le kutlwisiso,athe sefelapelwanase bontsha bothoto.

30. Pelo e nang le kgotsoe phedisa motho hantle,empa monao bodisa masapo a motho.

31. Ya hatellang mofutsanao nyedisa Mmopi wa hae,empa ya mo hauhelangyena o tlotla Modimo.

32. Ya kgopo o fediswake bokgopo ba hae,ya lokileng o na le letshepa,esita le lefung la hae.

33. Ya nang le kutlwisisoo ruile bohlale,le hara dithoto bo a itotobatsa.

34. Ho loka ho atlehisa setjhaba,empa sebe ke sekgobo ho sona.

Maele 14