15. Kamehla ya se nang tseboke tumelakgweela,empa ya bohlaleeka kgona a ikgodise.
16. Motho ya bohlaleo tshaba bobe, o a bo ila,empa sethotose a tlatselela, se a itshepa.
17. Motho ya halefang kapeleo etsa bothoto,ya nang le mehopolo e mebebatho ba a mo hloya.
18. Lefa la ba se nang tsebo ke bothoto,athe moqhaka wa ba bohlale ke tsebo.
19. Ba kgopo ba kgumamakapela ba lokileng,baetsadibe bonakapela kgoro tsa ba lokileng.
20. Mafutsana a hloilwele ke ba ahisaneng le wona,empa baruiba na le metswalle e mengata.
21. Ya nyedisang ya ahisaneng le yenao etsa sebe,empa ho lehlohonoloya hauhelang mofutsana.
22. Ba rerang bobe ba a lahleha,empa ba rerang botleba fumana mohau le nnete.
23. Mesebetsi yohlee na le moputso wa yona,empa ho beraberahona ho a futsanehisa.
24. Meqhaka ya ba bohlaleke maruo a bona,bothoto ba dithotobona bo tswala bothoto.
25. Paki ya nnete e pholosa batho,athe ya bohata yona e bua leshano.
26. Ya tshabang Morenao na le qhobosheane,bana ba hae ba fumana setshabelo.