Maele 13:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Mora ya bohlaleo mamela thuto ya ntatae,empa moikakasiha a natse kgalemo.

2. Motho o kgola tholwana tse monate,tholwana tsa dipuo tsa hae,ya sa tshepahalengyena o lapetse mahahapa.

3. Ya tshwarang leme la haeo baballa bophelo ba hae,ya phasolohang feelayena o tla timela,

4. Sekgoba se a lakatsa,empa ha se fumane letho,sekgothadi se a atleha,se kgotsofatswa ke tsohle.

5. Motho ya lokileng o hloile leshano,ya kgopo ha a na dihlong,o a swabisa.

6. Toka e sireletsa ya lokileng,bokgopo bonabo kudupanya baetsadibe.

7. E mong o iketsa morui,a se na letho,e mong a iketse mofutsana,a hafa ka nkatana.

8. Bophelo ba mothobo ka lopollwa ka maruo a hae,mofumanehi yenaha a ke a sokelwa ke motho.

9. Lebone la ya lokilengle tuka haholo,empa bone la ya kgopolona le tla tingwa.

10. Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,bohlale bo fumanwaho ba mamelang dikeletso.

11. Maruo a bolotsana a tla fela hang,a kolletswang kahanyanewona a a eketseha.

Maele 13