Maele 11:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Ya itlamang ka molato wa mothoo a itsietsa,ya hanang ho itlamao iphemisa kotsi.

16. Mosadi ya mosao kgaba ka hlompho,banna ba dikgokaba ikgapela maruo.

17. Monna ya mohauo iketsetsa tse molemo,athe ya sehlohoyena o a itshitelwa.

18. Motho ya kgopoo amohela moputso wa bolotsana,ya jalang ho lokao kotula moputso wa nnete.

19. Motho ya lokilengo tla rua bophelo,ya pheeletseng bobeyena o tla timela.

20. Morena o hloile ba pelo di kgopo,empa o thabelaba metsamao e lokileng.

21. Ruri ba kgopo ba tla ahlolwa,ba lokileng bona ba pheme kahlolo.

22. Mosadi ya hlokang boitshwaroleha a le motle,o jwaloka sale la kgautankong ya kolobe.

23. Ya lokilengo lakatsa tse molemo,ya kgopo yenao emetswe ke kgalefo.

24. E mong o fana haholo,leruo le mo atele,e mong e be lekgonatha,bofuma bo mo aparele.

Maele 11