Maele 1:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Ana ke maele a Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele,

2. a rutang mothobohlale le kgalemo,le ho utlwisisapolelo tse tebileng;

3. a rutang bohlale, ho loka,kutlwisiso, le ho nepahetseng.

4. Ya se nang tseboo tla hlalefiswa ke wona,mohlankana a rue tsebo le kelello.

5. Ya bohlale a a mamele,a eketse tsebo le kutlwisiso,ya nang le kutlwisisoa fumane tataiso,

6. a utlwisise maele le dipapiso,polelo le dilotho tsa ba bohlale.

7. Ho tshaba Modimoke qaleho ya tsebo,empa dithoto di nyedisa bohlale,di nyedisa le tayo

8. Mora ka, mamela tayo ya ntatao,o se furalle thuto ya mmao.

9. Tsena ke moqhakawa bokgabane hloohong,le lepetu le bohehangmolaleng wa hao.

10. Mora wa ka,ha baetsadibe ba o hohela,o se ke wa ineela ho bona.

11. Ha ba re: “Tloo le rona,re yo lalla motho re mmolaye,re tsholle madia ba se nang molato;

12. re ba metse ba phelasa Nqalo ya Bafu,re ba metse bokwiditanesa ba welang ka mohohlong;

Maele 1