6. E nngwe ya wela mokurutlaneng, mme hoba e mele, ya pona ke ho hloka mongobo.
7. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme hoba di hole mmoho, meutlwa ya e bipetsa.
8. E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.”Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”
9. Jwale barutuwa ba hae ba mmotsa hore na setshwantsho seo se lekanyang?
10. A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore,“ <leha ba bona,ba se ke ba bona,mme leha ba utlwa,ba se ke ba utlwisisa.> ”
11. “Qaqiso ya setshwantsho ke ena: Peo ke lentswe la Modimo.
12. E ka tseleng ke ba utlwang, ebe hamorao ho tla Diabolosi, a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela, ba pholoswa.
13. E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe.
14. E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.
15. Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.
16. “Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi.
17. Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa sephiri se ke keng sa tsejwa le ho pepeswa.
18. Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”
19. Mma Jesu le bana babo Jesu ba tla ho yena, empa ba sitwa ho fihla ho yena ka baka la letshwele.
20. A tsebiswa, ha thwe: “Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.”
21. Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.”
22. Ka le leng la matsatsi ao, a kena ka sekepeng le barutuwa ba hae, mme a re ho bona: “A re tsheleleng kamose wane ho letsha!” Yaba ba a tshela.
23. Ha ba ntse ba tshela, a kgaleha. Sefefo sa theohela letsheng, sekepe sa qala ho tlala metsi, mme ba ba kotsing.