Luka 8:45-56 BIBELE (SSO89SO)

45. Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?”Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.”

46. Empa Jesu a re: “Ho na le ya nkamileng, hobane ke utlwile hore matla a tswile ho nna.”

47. Yare ha mosadi a bona hore ha a ya pateha, a tla ka thothomelo, a itihela fatshe pela hae, a bolela pela setjhaba sohle lebaka leo a mo amileng ka lona, le kamoo a fodisitsweng kateng hanghang.

48. Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!”

49. Yare a sa ntsane a bua, ha fihla motho ya tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, a re: “Moradi wa hao o shwele; o se hlole o kgathatsa moruti!”

50. Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”

51. Yare ha a fihla ka tlung, a se ke a dumella motho ho kena le yena, haese Petrose, Johanne le Jakobo, le ntata ngwanana le mmae.

52. Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”

53. Ba mo ja ditsheho, kaha ba ne ba tseba hore o shwele.

54. Empa a mo tshwara ka letsoho, a mmitsa, a re: “Ngwanana, tsoha!”

55. Moya wa hae wa kgutla, a tsoha hanghang, mme Jesu a laela hore a fuwe dijo.

56. Batswadi ba hae ba hlollwa; a mpa a ba laya ho se bolelle motho se etsahetseng.

Luka 8