4. Yare ha letshwelehadi le kgobokana, mme batho ba motse ka mong ba etla ho yena, Jesu a bua ka setshwantsho, a re:
5. “Mojadi o ne a tswe ho ya jala peo ya hae. Ha a ntse a jala, e nngwe ya wela ka tseleng, ya hatakelwa, mme dinonyana tsa e ja.
6. E nngwe ya wela mokurutlaneng, mme hoba e mele, ya pona ke ho hloka mongobo.
7. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme hoba di hole mmoho, meutlwa ya e bipetsa.
8. E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.”Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”
9. Jwale barutuwa ba hae ba mmotsa hore na setshwantsho seo se lekanyang?
10. A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore,“ <leha ba bona,ba se ke ba bona,mme leha ba utlwa,ba se ke ba utlwisisa.> ”
11. “Qaqiso ya setshwantsho ke ena: Peo ke lentswe la Modimo.
12. E ka tseleng ke ba utlwang, ebe hamorao ho tla Diabolosi, a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela, ba pholoswa.