38. Monna eo bademona ba tswileng ho yena a mo kopa hore a tsamaye le yena, empa Jesu a mo lokolla, a re:
39. “Kgutlela hae, o yo bolela tsohle tseo Modimo a o etseditseng tsona.” Yaba o tloha a eya le motse wohle, a phatlalatsa dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona.
40. Ha Jesu a kgutla, a amohelwa ke letshwele, hobane bohle ba ne ba mo lebeletse.
41. Bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, e le mookamedi wa ntlo ya thapelo, a itihela fatshe, maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene ka tlung ha hae,
42. hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa.Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena.
43. Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang.
44. A tla kamora Jesu, a ama qola ya seaparo sa hae, mme hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa.
45. Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?”Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.”
46. Empa Jesu a re: “Ho na le ya nkamileng, hobane ke utlwile hore matla a tswile ho nna.”
47. Yare ha mosadi a bona hore ha a ya pateha, a tla ka thothomelo, a itihela fatshe pela hae, a bolela pela setjhaba sohle lebaka leo a mo amileng ka lona, le kamoo a fodisitsweng kateng hanghang.
48. Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!”
49. Yare a sa ntsane a bua, ha fihla motho ya tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, a re: “Moradi wa hao o shwele; o se hlole o kgathatsa moruti!”
50. Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”