Luka 8:33-45 BIBELE (SSO89SO)

33. Bademona ba tswa monneng eo ba kena ka dikolobeng, mme mohlape wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa kgangwa ke metsi.

34. Badisa, ha ba bona se etsahetseng, ba baleha, ba ya beha motseng le metsaneng.

35. Batho ba tswa ho ya bona se etsahetseng, ba tla ho Jesu, mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.

36. Ba boneng ba ba behela kamoo ya neng a ena le bademona a fodisitsweng kateng.

37. Yaba bongata bohle ba tikoloho ya Bagerasa bo kopa Jesu hore a tlohe ho bona, hobane ba ne ba tshohile haholo. A kena ka sekepeng a kgutla.

38. Monna eo bademona ba tswileng ho yena a mo kopa hore a tsamaye le yena, empa Jesu a mo lokolla, a re:

39. “Kgutlela hae, o yo bolela tsohle tseo Modimo a o etseditseng tsona.” Yaba o tloha a eya le motse wohle, a phatlalatsa dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona.

40. Ha Jesu a kgutla, a amohelwa ke letshwele, hobane bohle ba ne ba mo lebeletse.

41. Bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, e le mookamedi wa ntlo ya thapelo, a itihela fatshe, maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene ka tlung ha hae,

42. hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa.Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena.

43. Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang.

44. A tla kamora Jesu, a ama qola ya seaparo sa hae, mme hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa.

45. Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?”Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.”

Luka 8