1. Hamorao Jesu a etela motse le motsana ka mong, a ntse a phatlalatsa, a bolela molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba ena le yena,
2. le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: Maria ya bitswang wa Magadala, eo bademona ba supileng ba tswileng ho yena,
3. le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona.
4. Yare ha letshwelehadi le kgobokana, mme batho ba motse ka mong ba etla ho yena, Jesu a bua ka setshwantsho, a re:
5. “Mojadi o ne a tswe ho ya jala peo ya hae. Ha a ntse a jala, e nngwe ya wela ka tseleng, ya hatakelwa, mme dinonyana tsa e ja.
6. E nngwe ya wela mokurutlaneng, mme hoba e mele, ya pona ke ho hloka mongobo.
7. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme hoba di hole mmoho, meutlwa ya e bipetsa.
8. E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.”Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”
9. Jwale barutuwa ba hae ba mmotsa hore na setshwantsho seo se lekanyang?
10. A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore,“ <leha ba bona,ba se ke ba bona,mme leha ba utlwa,ba se ke ba utlwisisa.> ”