39. Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”
40. Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.”Yena a re: “Moruti, se bolele!”
41. “Moadimani e mong o ne a ena le ba babedi ba adimileng ho yena; e mong o ne a le molato wa didenare tse makgolo a mahlano, e mong yena tse mashome a mahlano.
42. Kaha ba ne ba se na seo ba ka mmuseletsang ka sona a ba leballa molato bobedi. Ke ofe ho bona ya tla mo rata ho feta?”
43. Simone a araba, a re: “Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta.”Jesu a re ho yena: “O ahlotse ka nepo.”
44. Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae.
45. Ha o a nkaka, empa mosadi enwa, haesale ke kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka.
46. Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole, empa mosadi enwa o ile a tlotsa maoto a ka ka setlolo.