34. Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: <Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!>
35. Empa bohlale ba Modimo bo netefatswa ke bohle ba bo neilweng.”
36. E mong wa Bafarisi a memela Jesu ho ja le yena; a kena ka tlung ha Mofarisi eo, a dula, a ja.
37. Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a tseba hore Jesu o dijong ka tlung ha Mofarisi eo, a tlisa pitsana e tshetsweng setlolo,
38. a ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, a qala ho mo tshela maoto ka dikgapha, a a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae, a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.
39. Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”
40. Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.”Yena a re: “Moruti, se bolele!”
41. “Moadimani e mong o ne a ena le ba babedi ba adimileng ho yena; e mong o ne a le molato wa didenare tse makgolo a mahlano, e mong yena tse mashome a mahlano.
42. Kaha ba ne ba se na seo ba ka mmuseletsang ka sona a ba leballa molato bobedi. Ke ofe ho bona ya tla mo rata ho feta?”
43. Simone a araba, a re: “Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta.”Jesu a re ho yena: “O ahlotse ka nepo.”
44. Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae.
45. Ha o a nkaka, empa mosadi enwa, haesale ke kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka.
46. Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole, empa mosadi enwa o ile a tlotsa maoto a ka ka setlolo.
47. Ka baka leo, ke a o bolella: O tshwaretswe dibe tsa hae leha di le ngata, ka hona o bontshitse lerato le leholo; athe ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.”
48. A re ho mosadi: “O tshwaretswe dibe tsa hao.”
49. Ba dutseng le yena ba qala ho re ka dipelong tsa bona: “Enwa ke mang, ya tshwarelang le dibe?”
50. Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”