17. Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.
18. Barutuwa ba Johanne ba mo tsebisa ditaba tseo tsohle. Hoba Johanne a bitse ba babedi ba barutuwa ba hae,
19. a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”
20. Yare hoba banna bao ba fihle ho yena, ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: <Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?> ”
21. Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata.
22. A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;
23. ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.”
24. Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?
25. Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba phela menateng, ba matlung a mahosi.
26. Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta na? E, ke a le bolella: e moholo le ho feta moporofeta.
27. Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe:“ <Ke romela leqosa la ka ke leo,le tla o etella pele,le o lokisetse tsela.>
28. “Ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho ya fetang Johanne ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa Modimo o mo feta ka boholo.”
29. Batho bohle le balekgetho ha ba utlwa ba ile ba ananela ho loka ha Modimo, ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne;
30. ha e le Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba ile ba fetola morero wa Modimo lefeela, ka ho se kolobetswe ke yena.
31. “Ha ho le jwalo batho ba moloko oo, nka ba tshwantsha kang? Ba tshwana le eng?
32. Ba tshwana le bana ba dutseng lebaleng la motse, ba howeletsanang, ba re:“ <Re le letseditse diletsa,empa ha le a ka la etsa motjeko;re le binetse kodi-ya-malla,empa ha le a ka la lla.>
33. “Etswe Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: <O na le modemona.>
34. Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: <Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!>
35. Empa bohlale ba Modimo bo netefatswa ke bohle ba bo neilweng.”
36. E mong wa Bafarisi a memela Jesu ho ja le yena; a kena ka tlung ha Mofarisi eo, a dula, a ja.