11. Kamora moo Jesu a ya motseng o bitswang Naine, mme barutuwa ba hae le letshwelehadi ba ya le yena.
12. Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.
13. Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”
14. Jesu a atamela, a ama lempara, mme ba jereng mofu ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke re ho wena, tsoha!”
15. Mofu a dula, a qala ho bua, mme Jesu a mo nea mmae.
16. Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”
17. Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.
18. Barutuwa ba Johanne ba mo tsebisa ditaba tseo tsohle. Hoba Johanne a bitse ba babedi ba barutuwa ba hae,
19. a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”
20. Yare hoba banna bao ba fihle ho yena, ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: <Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?> ”
21. Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata.
22. A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;