Luka 7:10-25 BIBELE (SSO89SO)

10. Ha ba ronngweng ba fihla hae, ba fumana mohlanka a fodile.

11. Kamora moo Jesu a ya motseng o bitswang Naine, mme barutuwa ba hae le letshwelehadi ba ya le yena.

12. Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.

13. Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”

14. Jesu a atamela, a ama lempara, mme ba jereng mofu ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke re ho wena, tsoha!”

15. Mofu a dula, a qala ho bua, mme Jesu a mo nea mmae.

16. Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”

17. Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.

18. Barutuwa ba Johanne ba mo tsebisa ditaba tseo tsohle. Hoba Johanne a bitse ba babedi ba barutuwa ba hae,

19. a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”

20. Yare hoba banna bao ba fihle ho yena, ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: <Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?> ”

21. Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata.

22. A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;

23. ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.”

24. Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?

25. Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba phela menateng, ba matlung a mahosi.

Luka 7