Luka 7:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Yare ha a qetile ho bolella batho dipolelo tsohle tsa hae, a ya kena Kaperenauma.

2. Jwale mohlanka wa molaodi e mong wa lebotho la ba lekgolo, eo e neng e le wa bohlokwa ho monga hae, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa.

3. Yare hoba molaodi eo a utlwele Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho yena, a mo kopa hore a tlo fodisa mohlanka wa hae.

4. Ba fihla ho Jesu ba mo rapela ka matla, ba re: “O lokelwa ke hore o mo etsetse jwalo,

5. hobane o rata setjhaba sa rona, o bile o re hahetse ntlo ya thapelo.”

6. Jesu a ya le bona.Yare ha a se a se hole le ntlo, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a roma metswalle, ya re ho yena: “Morena, o se ke wa ikgathatsa, hobane ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka;

7. ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.

8. Le nna, ke le motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka, mme ha ke re ho enwa, <Eya,> o a ya, le ho e mong <Tloo,> o a tla, le ho mohlanka wa ka, <Etsa hona,> o a etsa.”

9. Ha Jesu a utlwa tsena, a mo makalla, mme a retelehela ho letshwele le mo latetseng, a re: “Ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.”

10. Ha ba ronngweng ba fihla hae, ba fumana mohlanka a fodile.

11. Kamora moo Jesu a ya motseng o bitswang Naine, mme barutuwa ba hae le letshwelehadi ba ya le yena.

12. Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.

Luka 7