6. Jwale ha etsahala ka Sabatha se seng hore Jesu a kene ka tlung ya thapelo, a rute. Ho ne ho ena le motho teng ya shweleng letsoho le letona.
7. Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ne ba mo disitse hore na o tla fodisa ka Sabatha, hore ba tle ba fumane lebaka la ho mo qosa.
8. Empa Jesu o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona hare!” A tla, a ema.
9. Yaba Jesu o re ho bona: “Ke a le botsa hore na ho a dumellwa ho etsa hantle kapa ho etsa hampe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa ka Sabatha?”
10. A ba ya ka mahlo bohle; a re ho yena: “Otlolla letsoho la hao!” A etsa jwalo, yaba letsoho la hae le a fola.
11. Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.
12. Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.
13. Ha bo sele, a bitsetsa barutuwa ba hae ho yena, mme a kgetha ba leshome le metso e mmedi hara bona, a ba bitsa baapostola:
14. ke Simone, eo a mo reileng lebitso la Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo, le Johanne, le Filipi, le Baretholome,
15. le Matheu, le Thomase, le Jakobo mora Alefiose, le Simone ya bitswang Motjhesehi,
16. le Juda mora Jakobo, le Judase Isekariota ya ileng a fetoha moeki.
17. Hoba a theohe le bona, a ema motsitseng, ho ena le sehlopha se seholo sa barutuwa ba hae, le bongatangata ba setjhaba se tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la Tire le Sidone,
18. ba tlileng ho mo mamela le ho fodiswa malwetseng a bona. Le ba neng ba tshwenngwa ke meya e ditshila ba ne ba fodiswa.
19. Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme o ne a fodisa bohle.