Luka 6:44-49 BIBELE (SSO89SO)

44. Etswe sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona, hobane ha ho kgolwe difeiye meutlweng, ebile ha ho kguwe morara hlabahlabaneng.

45. Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.

46. “Le mpitsetsang <Morena, Morena,> athe ha le etse tseo ke di bolelang?

47. Mang le mang ya tlang ho nna, a utlwa dipolelo tsa ka, a di phetha, ke tla le bontsha hore na o tshwana le mang.

48. O tshwana le motho ya hahang ntlo, ya ileng a tjheka, a tebisa, mme a thea motheo hodima letlapa; yare sekgohola ha se fihla, noka ya kgahlela ntlo eo, mme ya sitwa ho e sisinya, hobane e ne e hahilwe hantle.

49. Empa ya utlwang, a sa phethe, o tshwana le motho ya hahileng ntlo hodima mobu, e se na motheo, eo noka e ileng ya e kgahlela, yaba e heleha hanghang, mme tshenyeho ya ntlo eo ya eba kgolo.”

Luka 6