Luka 6:30-42 BIBELE (SSO89SO)

30. Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.

31. Etsang batho kamoo le ratang hore ba le etse kateng.

32. “Haeba le rata ba le ratang, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe le bona ba rata ba ba ratang.

33. Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.

34. Haeba le adima bao le lebeletseng hore ba le buseletse, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba adima baetsadibe, hore ba tle ba buseletswe ho hokaalo.

35. Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.

36. Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.

37. “Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa;

38. fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.”

39. A ba bolella le setshwantsho, a re: “Na sefofu se ka tsamaisa sefofu? Ana di ke ke tsa wela lengopeng bobedi ba tsona?

40. Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae; e mong le e mong ya rutehileng o tla ba jwaloka moruti wa hae.

41. “O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?

42. O ka re jwang ho ngwaneno: <Ngwaneso, ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao,> wena o sa bone sekoqo se ka leihlong la hao? Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.

Luka 6