Luka 6:28-32 BIBELE (SSO89SO)

28. hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.

29. Ya o jabelang lerameng, o mo retelletse le lona le leng, mme ya o amohang seaparo, o se ke wa mo hanela le ka kobo.

30. Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.

31. Etsang batho kamoo le ratang hore ba le etse kateng.

32. “Haeba le rata ba le ratang, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe le bona ba rata ba ba ratang.

Luka 6