24. “Empa ho madimabelona barui,hobane le se le amohetsematshediso a lona.
25. Ho madimabelona ba kgotsheng jwale,hobane le tla lapa.Ho madimabelona ba tshehang jwale,hobane le tla hlomoha, le lle.
26. “Le madimabe ha batho bohle ba le bua hantle; etswe bo-ntata lona ba entse baporofeta ba bohata jwalo.”
27. “Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle,
28. hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.
29. Ya o jabelang lerameng, o mo retelletse le lona le leng, mme ya o amohang seaparo, o se ke wa mo hanela le ka kobo.
30. Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.
31. Etsang batho kamoo le ratang hore ba le etse kateng.