Luka 6:19-28 BIBELE (SSO89SO)

19. Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme o ne a fodisa bohle.

20. A phahamisetsa mahlo ho barutuwa ba hae, a re:“Ho lehlohonololona mafutsana,hobane Mmuso wa Modimoke wa lona.

21. Ho lehlohonololona ba lapileng jwale,hobane le tla kgoriswa.Ho lehlohonololona ba llang jwale,hobane le tla tsheha.

22. “Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

23. “Thabang letsatsing leo, le thenthetse, hobane bonang, moputso wa lona o moholo lehodimong; etswe bo-ntata bona ba entse baporofeta jwalo.

24. “Empa ho madimabelona barui,hobane le se le amohetsematshediso a lona.

25. Ho madimabelona ba kgotsheng jwale,hobane le tla lapa.Ho madimabelona ba tshehang jwale,hobane le tla hlomoha, le lle.

26. “Le madimabe ha batho bohle ba le bua hantle; etswe bo-ntata lona ba entse baporofeta ba bohata jwalo.”

27. “Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle,

28. hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.

Luka 6