1. Ha etsahala hore Jesu a fete hara masimo ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba kga matshohlo, ba a hohla ka diatla, ba a ja.
2. Ba bang ba Bafarisi ba re: “Le etsetsang ho sa dumellwang ka Sabatha?”
3. Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse ha a lapile, mmoho le bao a neng a ena le bona;
4. kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme a nka bohobe bo halalelang, a bo ja, a fa le bao a neng a ena le bona, e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?”
5. A re ho bona: “Mora Motho ke morena wa Sabatha.”
6. Jwale ha etsahala ka Sabatha se seng hore Jesu a kene ka tlung ya thapelo, a rute. Ho ne ho ena le motho teng ya shweleng letsoho le letona.
7. Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ne ba mo disitse hore na o tla fodisa ka Sabatha, hore ba tle ba fumane lebaka la ho mo qosa.
8. Empa Jesu o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona hare!” A tla, a ema.
9. Yaba Jesu o re ho bona: “Ke a le botsa hore na ho a dumellwa ho etsa hantle kapa ho etsa hampe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa ka Sabatha?”
10. A ba ya ka mahlo bohle; a re ho yena: “Otlolla letsoho la hao!” A etsa jwalo, yaba letsoho la hae le a fola.
11. Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.
12. Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.
13. Ha bo sele, a bitsetsa barutuwa ba hae ho yena, mme a kgetha ba leshome le metso e mmedi hara bona, a ba bitsa baapostola:
14. ke Simone, eo a mo reileng lebitso la Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo, le Johanne, le Filipi, le Baretholome,
15. le Matheu, le Thomase, le Jakobo mora Alefiose, le Simone ya bitswang Motjhesehi,
16. le Juda mora Jakobo, le Judase Isekariota ya ileng a fetoha moeki.