Luka 5:4-19 BIBELE (SSO89SO)

4. Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: “Sesisetsa kweetseng, le lepeletse matlowa a lona, le tshwase.”

5. Simone a araba, a re: “Monghadi, re sebeditse ka thata bosiu bohle re sa tshwase letho, empa ho ya ka polelo ya hao ke tla lepeletsa matlowa.”

6. Hoba ba etse jwalo ba tshwasa ditlhapi tse ngata haholo; matlowa a bona a ba a batla a taboha.

7. Ba hwehla balekane ba ka sekepeng se seng hore ba tlo ba thusa; ba tla, mme dikepe tsa tlala bobedi ba tsona, hoo di ileng tsa batla di teba.

8. Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”

9. A rialo hobane yena le bohle bao a nang le bona ba hloletswe ka baka la tshwaso ya ditlhapi tseo ba di tshwasitseng.

10. Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone.Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.”

11. Hoba ba hulele dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, mme ba mo latela.

12. Yare ha Jesu a le ho o mong wa metse, monna ya tletseng lepera, ha a mmona, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo kopa, a re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”

13. Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Yaba lepera le tloha ho yena hanghang.

14. Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”

15. Empa taba ya hae ya nna ya phatlalla, mme matshwelehadi a phuthehela ho tla mo mamela le ho fodiswa malwetseng a wona.

16. Yena a ikela nahathothe, mme a rapela.

17. Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena.

18. Banna ba nkileng monna ya shweleng ditho ka diphate, ba leka ho mo kenya le ho mmea kapele ho Jesu.

19. Ka ho hloka mokgwa wa ho mo kenya ka baka la letshwele, ba hlwella kahodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo lepelletsa kahare, kapele ho Jesu, a ntse a le diphateng.

Luka 5