Luka 5:30-39 BIBELE (SSO89SO)

30. Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”

31. Jesu a ba araba, a re: “Ba sa kuleng ha ba hloke ngaka, empa e hlokwa ke ba kulang.

32. Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.”

33. Jwale ba re ho Jesu: “Barutuwa ba Johanne ba itima dijo kgafetsa, mme ba etsa merapelo, le ba Bafarisi ba etsa jwalo, empa ba hao ba a ja, mme ba a nwa.”

34. Jesu a re ho bona: “Na le ka re baetsana ba itime dijo ha monyadi a ntse a ena le bona?

35. Empa ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba tla itima dijo matsatsing ao.”

36. A ba bolella le setswantsho, a re: “Ha ho ya tabolang setsiba seaparong se setjha, mme a se rokelle seaparong sa kgale, esere seaparo se setjha sa taboha, mme setsiba se setjha sa se ke sa dumellana le seaparo sa kgale.

37. Ha ho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere veine e ntjha ya phatlola makuka, yona ya qhaleha, makuka a senyeha,

38. empa veine e ntjha e tshwanetse ho tshelwa makukeng a matjha.

39. Ha ho eo ekareng ha a nwele veine ya kgale, ebe o lakatsa e ntjha, hobane o re: <Ya kgale e monate ho feta.> ”

Luka 5