24. Empa hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Ke re ho wena: Ema, nka diphate tsa hao, eya tlung ya hao!”
25. Hanghang a ema ba ntse ba mmona, a nka seo a neng a robetse ho sona, a ya tlung ha hae a ntse a tlotlisa Modimo.
26. Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”
27. Kamora tsena Jesu a tswa, mme a bona molekgetho ya bitswang Levi a dutse tlung ya lekgetho, a re ho yena: “Ntatele!”
28. A tlohela tsohle, a ema, a mo latela.
29. Levi a mo etsetsa mokete o moholo ka tlung ya hae: ho ne ho ena le sehlophahadi sa balekgetho le ba bang ba dutse ba eja le bona.
30. Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”
31. Jesu a ba araba, a re: “Ba sa kuleng ha ba hloke ngaka, empa e hlokwa ke ba kulang.
32. Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.”
33. Jwale ba re ho Jesu: “Barutuwa ba Johanne ba itima dijo kgafetsa, mme ba etsa merapelo, le ba Bafarisi ba etsa jwalo, empa ba hao ba a ja, mme ba a nwa.”
34. Jesu a re ho bona: “Na le ka re baetsana ba itime dijo ha monyadi a ntse a ena le bona?