Luka 5:19-34 BIBELE (SSO89SO)

19. Ka ho hloka mokgwa wa ho mo kenya ka baka la letshwele, ba hlwella kahodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo lepelletsa kahare, kapele ho Jesu, a ntse a le diphateng.

20. Ha a bona tumelo ya bona, a re: “Monna, o tshwaretswe dibe tsa hao.”

21. Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”

22. Empa Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a ba araba, a re: “Le hopolang ka dipelong tsa lona?

23. Ho bonolo ho feta ke hofe, ha e le ho re: <O tshwaretswe dibe tsa hao,> kapa e le ho re: <Ema, o tsamaye>?

24. Empa hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Ke re ho wena: Ema, nka diphate tsa hao, eya tlung ya hao!”

25. Hanghang a ema ba ntse ba mmona, a nka seo a neng a robetse ho sona, a ya tlung ha hae a ntse a tlotlisa Modimo.

26. Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”

27. Kamora tsena Jesu a tswa, mme a bona molekgetho ya bitswang Levi a dutse tlung ya lekgetho, a re ho yena: “Ntatele!”

28. A tlohela tsohle, a ema, a mo latela.

29. Levi a mo etsetsa mokete o moholo ka tlung ya hae: ho ne ho ena le sehlophahadi sa balekgetho le ba bang ba dutse ba eja le bona.

30. Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”

31. Jesu a ba araba, a re: “Ba sa kuleng ha ba hloke ngaka, empa e hlokwa ke ba kulang.

32. Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.”

33. Jwale ba re ho Jesu: “Barutuwa ba Johanne ba itima dijo kgafetsa, mme ba etsa merapelo, le ba Bafarisi ba etsa jwalo, empa ba hao ba a ja, mme ba a nwa.”

34. Jesu a re ho bona: “Na le ka re baetsana ba itime dijo ha monyadi a ntse a ena le bona?

Luka 5