Luka 5:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta,

2. a bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa a bona.

3. A kena ka ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se sesisetse sebakana le lebopo; hoba a dule, a ruta matshwele a le ka sekepeng.

4. Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: “Sesisetsa kweetseng, le lepeletse matlowa a lona, le tshwase.”

5. Simone a araba, a re: “Monghadi, re sebeditse ka thata bosiu bohle re sa tshwase letho, empa ho ya ka polelo ya hao ke tla lepeletsa matlowa.”

6. Hoba ba etse jwalo ba tshwasa ditlhapi tse ngata haholo; matlowa a bona a ba a batla a taboha.

7. Ba hwehla balekane ba ka sekepeng se seng hore ba tlo ba thusa; ba tla, mme dikepe tsa tlala bobedi ba tsona, hoo di ileng tsa batla di teba.

8. Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”

9. A rialo hobane yena le bohle bao a nang le bona ba hloletswe ka baka la tshwaso ya ditlhapi tseo ba di tshwasitseng.

10. Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone.Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.”

11. Hoba ba hulele dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, mme ba mo latela.

12. Yare ha Jesu a le ho o mong wa metse, monna ya tletseng lepera, ha a mmona, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo kopa, a re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”

13. Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Yaba lepera le tloha ho yena hanghang.

14. Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”

15. Empa taba ya hae ya nna ya phatlalla, mme matshwelehadi a phuthehela ho tla mo mamela le ho fodiswa malwetseng a wona.

Luka 5