Luka 4:29-44 BIBELE (SSO89SO)

29. ba ba ba ema, ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thabana eo motse wa bona o hahilweng letswapong la yona, ba re ba a mo dihela,

30. empa yena a phunyeletsa hara bona, a ikela.

31. A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha,

32. mme batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane mantswe a hae a ne a ena le matla.

33. Ho ne ho ena le monna ka tlung ya thapelo ya nang le moya o ditshila wa modemona; a howa ka lentswe le matla, a re:

34. “Wee! O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: o Ya Halalelang wa Modimo.”

35. Jesu a mo kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yaba modemona o tabanya motho eo fatshe hara batho, o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi.

36. Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?”

37. Jesu a tumiswa dibakeng tsohle tsa tikoloho eo.

38. Yare hoba a tswe ka tlung ya thapelo, a kena ha Simone. Jwale mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke feberu e bohale, yaba ba mo kopela thuso ho Jesu,

39. Jesu a inamela ho yena, a kgalemela feberu, mme ya mo tlohela; a tsoha hanghang, a nto ba sebeletsa.

40. Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa.

41. Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.

42. Yare ha bo sele Jesu a tswa, a ya nahathothe, mme matshwele a mmatla, a tla ho yena, a mo thiba, hore a se ke a tloha ho wona.

43. A re ho wona: “Eka kgona le metse e meng ke e bolelle molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo, hobane ke rometswe hoo.”

44. O ne a ruta ka matlung a thapelo a Judea.

Luka 4