26. Empa Elia ha a a ka a romelwa le ho ya mong wa bona, haese ho mosadi wa mohlolohadi, Sarepeta, naheng ya Sidone.
27. Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.”
28. Bohle ba ka tlung ya thapelo ba tlala kgalefo ha ba utlwa tsena,
29. ba ba ba ema, ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thabana eo motse wa bona o hahilweng letswapong la yona, ba re ba a mo dihela,
30. empa yena a phunyeletsa hara bona, a ikela.
31. A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha,
32. mme batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane mantswe a hae a ne a ena le matla.
33. Ho ne ho ena le monna ka tlung ya thapelo ya nang le moya o ditshila wa modemona; a howa ka lentswe le matla, a re:
34. “Wee! O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: o Ya Halalelang wa Modimo.”
35. Jesu a mo kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yaba modemona o tabanya motho eo fatshe hara batho, o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi.
36. Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?”