Luka 4:20-26 BIBELE (SSO89SO)

20. Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae.

21. A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.”

22. Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”

23. A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: <Ngaka, iphekole!> Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.”

24. Jwale a re: “Ruri ke a le bolella, ke re: Ha ho moporofeta ya amohelehang motseng wa habo.

25. “Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.

26. Empa Elia ha a a ka a romelwa le ho ya mong wa bona, haese ho mosadi wa mohlolohadi, Sarepeta, naheng ya Sidone.

Luka 4