12. Jesu a araba, a re ho yena: “Ho itswe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao!”
13. Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana.
14. Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.
15. A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle.
16. A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale.
17. A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe:
18. “Moya wa Morena o hodima kahobane a ntlotseditseho bolella mafutsanamolaetsa o molemo,o nthometseho phatlalletsa bathopuwatsa tokoloho,le difofu hore di tla tutuboloha,le ho lokolla ba hateletsweng,
19. le ho phatlalatsa lemo sa Morenasa mehauhelo.”
20. Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae.
21. A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.”
22. Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”
23. A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: <Ngaka, iphekole!> Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.”