Luka 4:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,

2. a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa.

3. Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!”

4. Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: <Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.> ”

5. Hoba a mo nyollele hodimo, a mo supisa mebuso yohle ya lefatshe ka motsotswana.

6. Yaba Diabolosi o re ho yena: “Ke tla o fa matla ana wohle le maruo a mebuso eo, hobane ke e filwe, mme ke e fa mang le mang eo ke ratang ho mo fa yona;

7. ka baka leo, haeba o nkgumamela, e tla ba ya hao yohle.”

Luka 4