1. Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,
2. a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa.
3. Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!”
4. Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: <Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.> ”
5. Hoba a mo nyollele hodimo, a mo supisa mebuso yohle ya lefatshe ka motsotswana.
6. Yaba Diabolosi o re ho yena: “Ke tla o fa matla ana wohle le maruo a mebuso eo, hobane ke e filwe, mme ke e fa mang le mang eo ke ratang ho mo fa yona;
7. ka baka leo, haeba o nkgumamela, e tla ba ya hao yohle.”
8. Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:“ <O tla kgumamela MorenaModimo wa hao,o sebeletse yena a nnotshi.> ”
9. Jwale a mo isa Jerusalema, a mmea tlhorong ya Tempele, a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, itihele fatshe ho tloha mona,
10. hobane ho ngotswe, ho thwe:“ <O tla laela mangeloi a haehore a o sireletse,>
11. ho bile ho thwe:<A tla o kgakeletsa ka diatla,esere leoto la haola kgoptjwa ke lejwe.> ”
12. Jesu a araba, a re ho yena: “Ho itswe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao!”
13. Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana.
14. Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.