Luka 3:4-19 BIBELE (SSO89SO)

4. jwalokaha ho ngotswe bukeng ya mantswe a moporofeta Esaya, ho thwe:“Lentswe la ya howang feellengle re:<Lokisang mmila wa Morena,le otlolle ditsela tsa hae.

5. Kgohlo e nngwe le e nngwee tla katwa,thaba ka nngwe le leralla ka lengdi bothalatswe,ho kgopamileng ho otlollwe,ditsela tse makukunodi batalatswe,

6. mme batho bohle ba tla bonaho pholosa ha Modimo.> ”

7. Jwale a re ho matshwele a tlang ho tla kolobetswa ke yena: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?

8. Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: <Re na le ntata rona, Aborahama,> hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana.

9. Etswe selepe se se se beilwe metsong ya difate; ka baka leo, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.”

10. Matshwele a mmotsa, a re: “Ha ho le jwalo, re etse eng?”

11. A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”

12. Ha tla le balekgetho ho kolobetswa, ba re ho yena: “Moruti, re etseng?”

13. A re ho bona: “Le se ke la kgafisa ho feta seo le se laetsweng.”

14. Le masole a mmotsa, a re: “Rona re etseng?” A re ho wona: “Le se ka la inkela tsa batho ka mahahapa, leha e le ho ba hatella; le kgotsofalle moputso wa lona.”

15. Erekaha setjhaba se ne se lebeletse, mme bohle ba nahana ka dipelong tsa bona ka Johanne, ba re, esebe ke yena Kreste.

16. Johanne a araba bohle, a re: “Nna ke fela ke le kolobetsa ka metsi, empa ho tla tla ya mphetang ka matla, eo ke sa tshwanelang le ho lokolla leqhwele la meqathatso ya hae. Yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

17. Ke eo seoloso sa hae se leng letsohong la hae ho hlwekisa seotlo sa hae le ho bokella koro sesiung sa hae, empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.”

18. A nna a kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella batho molaetsa o molemo.

19. Hoba Johanne a kgalemelle kgosi Heroda ho inkela Herodiase, mosadi wa ngwanabo, le ho etsa tsohle tse mpe,

Luka 3