Luka 3:11-17 BIBELE (SSO89SO)

11. A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”

12. Ha tla le balekgetho ho kolobetswa, ba re ho yena: “Moruti, re etseng?”

13. A re ho bona: “Le se ke la kgafisa ho feta seo le se laetsweng.”

14. Le masole a mmotsa, a re: “Rona re etseng?” A re ho wona: “Le se ka la inkela tsa batho ka mahahapa, leha e le ho ba hatella; le kgotsofalle moputso wa lona.”

15. Erekaha setjhaba se ne se lebeletse, mme bohle ba nahana ka dipelong tsa bona ka Johanne, ba re, esebe ke yena Kreste.

16. Johanne a araba bohle, a re: “Nna ke fela ke le kolobetsa ka metsi, empa ho tla tla ya mphetang ka matla, eo ke sa tshwanelang le ho lokolla leqhwele la meqathatso ya hae. Yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

17. Ke eo seoloso sa hae se leng letsohong la hae ho hlwekisa seotlo sa hae le ho bokella koro sesiung sa hae, empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.”

Luka 3