Luka 3:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, ha Pontiuse Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelea, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonite, Losaniase a busa Abilene,

2. mehleng ya Baprista ba Baholo Hannase le Kaiafa, lentswe la Modimo la fihlela Johanne, mora Sakariya, a le lefeelleng.

3. A ya tikolohong yohle ya Jorodane a ntse a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe,

4. jwalokaha ho ngotswe bukeng ya mantswe a moporofeta Esaya, ho thwe:“Lentswe la ya howang feellengle re:<Lokisang mmila wa Morena,le otlolle ditsela tsa hae.

5. Kgohlo e nngwe le e nngwee tla katwa,thaba ka nngwe le leralla ka lengdi bothalatswe,ho kgopamileng ho otlollwe,ditsela tse makukunodi batalatswe,

6. mme batho bohle ba tla bonaho pholosa ha Modimo.> ”

7. Jwale a re ho matshwele a tlang ho tla kolobetswa ke yena: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?

Luka 3