49. Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.”
50. Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa.
51. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
52. Hoba ba mo kgumamele, ba kgutlela Jerusalema ka nyakallo e kgolo,
53. mme ba nna ba eba ka Tempeleng ka nako tsohle, ba boka Modimo.