35. Le bona ba pheta tse etsahetseng leetong la bona, le kamoo ba ileng ba mo tseba kateng, ha a ngwatha bohobe.
36. Yare ba sa bua jwalo, Jesu a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”
37. Empa ba tshoha, ba tshaba, ba hopola hore ba bona sethotsela.
38. A re ho bona: “Le ferekanetseng? Ke ka baka lang le hlahelwang ke dipelaelo dipelong tsa lona?
39. Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke nna ka sebele. Ntoboketseng le utlwe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke ena le tsona kateng.”
40. Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho le maoto a hae.
41. Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?”
42. Ba mo nea leqa la tlhapi e besitsweng.
43. A le nka, a le ja ba mo shebile.
44. Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”
45. Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo.
46. A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,
47. le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.
48. Lona le dipaki tsa ditaba tsena.
49. Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.”