32. Ba botsana, ba re: “Ana pelo tsa rona di ne di sa tjhese ka ho rona ha a bua le rona tseleng, a ntse a re hlalosetsa Mangolo na?”
33. Ba ema ka yona nako eo, ba kgutlela Jerusalema. Ba fumana ba leshome le motso o mong le ba nang le bona ba phuthehile,
34. ba bile ba bolela hore Morena o fela a tsohile, mme o iponahaditse ho Simone.
35. Le bona ba pheta tse etsahetseng leetong la bona, le kamoo ba ileng ba mo tseba kateng, ha a ngwatha bohobe.
36. Yare ba sa bua jwalo, Jesu a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”
37. Empa ba tshoha, ba tshaba, ba hopola hore ba bona sethotsela.
38. A re ho bona: “Le ferekanetseng? Ke ka baka lang le hlahelwang ke dipelaelo dipelong tsa lona?
39. Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke nna ka sebele. Ntoboketseng le utlwe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke ena le tsona kateng.”
40. Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho le maoto a hae.
41. Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?”
42. Ba mo nea leqa la tlhapi e besitsweng.
43. A le nka, a le ja ba mo shebile.
44. Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”
45. Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo.
46. A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,
47. le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.