Luka 24:24-32 BIBELE (SSO89SO)

24. Le ba bang ba neng ba ena le rona ba ile ba ya lebitleng, mme ba fumana ho le jwalokaha basadi ba ile ba bolela, empa yena ha ba a ka ba mmona.”

25. A re ho bona: “Jo, dithoto tse pelo di diehang ho dumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba di bolela!

26. Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”

27. A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.

28. Ha ba atamela motsaneng oo ba yang ho wona, Jesu a etsa sa mokana a fetela pele.

29. Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona.

30. Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.

31. Jwale ha re etlo! mahlong, mme ba mo tseba, empa a ba nyamella.

32. Ba botsana, ba re: “Ana pelo tsa rona di ne di sa tjhese ka ho rona ha a bua le rona tseleng, a ntse a re hlalosetsa Mangolo na?”

Luka 24