21. Rona re ne re tshepile hore ke yena ya tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena di etsahetse.
22. Empa basadi ba bang ba habo rona ba re makaditse. Ba ile ba tsohella lebitleng,
23. feela ba se ke ba fumana setopo sa hae. Ba kgutla ba re ba bone mangeloi a reng o a phela.
24. Le ba bang ba neng ba ena le rona ba ile ba ya lebitleng, mme ba fumana ho le jwalokaha basadi ba ile ba bolela, empa yena ha ba a ka ba mmona.”
25. A re ho bona: “Jo, dithoto tse pelo di diehang ho dumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba di bolela!
26. Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”