Luka 24:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. E ne e le Maria wa Magadala, le Johanna, le Maria, mma Jakobo, le basadi ba bang ba neng ba ena le bona, ba neng ba bolella baapostola ditaba tseo.

11. Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa.

12. Empa Petrose a ema, a mathela lebitleng; ha a fihla a nyarela, a bona masela feela; yaba o tloha a maketse ke se etsahetseng.

13. Ka lona letsatsi leo barutuwa ba babedi ba ne ba eya motsaneng o bitswang Emmause, o bohole ba dikilomethara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema.

14. Ba ne ba qoqa ka diketsahalo tseo tsohle.

15. Ha ba ntse ba qoqa jwalo, ba buisana, Jesu ka sebele a atamela, a tsamaya le bona,

16. empa mahlo a bona a rebeha, ba se ke ba mo tseba.

17. A re ho bona: “Ditaba tseo le tsamayang le buisana ka tsona ke dife?”Ba ema tlekelele! Ba swabile.

Luka 24