Luka 24:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi le qalang beke ba ya lebitleng e sa le kameso, ba nkile ditlolo tseo ba di lokisitseng.

2. Ba fumana lejwe le phikoloseditswe thoko le lebitla.

3. Ha ba kena, ba se ke ba fumana setopo sa Morena Jesu.

4. Yare ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba diaparo tse hadimang, ba ema pela bona.

5. Yare ha ba tshoha, mme ba tadima fatshe, banna bao ba re ho bona: “Ya phelang le mmatlelang hara bafu?

6. Ha a yo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea,

7. ha a re: <Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.> ”

8. Ba hopola dipolelo tsa Jesu.

9. Hoba ba kgutle lebitleng, ba tsebisa ba leshome le motso o mong le ba bang bohle ditaba tseo tsohle.

10. E ne e le Maria wa Magadala, le Johanna, le Maria, mma Jakobo, le basadi ba bang ba neng ba ena le bona, ba neng ba bolella baapostola ditaba tseo.

11. Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa.

12. Empa Petrose a ema, a mathela lebitleng; ha a fihla a nyarela, a bona masela feela; yaba o tloha a maketse ke se etsahetseng.

13. Ka lona letsatsi leo barutuwa ba babedi ba ne ba eya motsaneng o bitswang Emmause, o bohole ba dikilomethara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema.

Luka 24