Luka 23:43-56 BIBELE (SSO89SO)

43. A re ho sona: “Ruri ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna paradeising.”

44. E ne e ka ba hora ya leshome le metso e mmedi motsheare, ha lefifi le aparela naha yohle ho fihlela ka hora ya boraro motsheare wa mantsiboya,

45. letsatsi le ntse le fifetse; yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare.

46. Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.

47. Yare ha molaodi wa lebotho la ba lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: “Kannete motho enwa o ne a lokile.”

48. Matshwele wohle a neng a phuthehetse ho tla bona, hoba a bone se etsahetseng, a kgutla a swabile haholo.

49. Empa metswalle yohle ya Jesu, le basadi ba neng ba mo latetse ho tloha Galelea, ba ne ba eme sebakana, mme ba bona ketsahalo tsena.

50. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Josefa, monna ya molemo, ya lokileng, mme e le setho sa lekgotla.

51. E ne e le wa Arimathea motse wa Bajuda, mme o ne a lebeletse Mmuso wa Modimo. Feela yena o ne a sa dumellana le lekgotla le diketso tsa lona.

52. Monna eo a ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu,

53. a se fanyolla, a nto se phuthela ka lesela, a se bea ka lebitleng le betlilweng lefikeng, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ho lona.

54. E ne e le letsatsi la tlhekelo, mme e ne e se e tla ba Sabatha.

55. Basadi ba neng ba tlile le Jesu ba etswa Galelea, ba latela Josefa, ba bona lebitla le kamoo setopo sa hae se beilweng kateng.

56. Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao.

Luka 23