Luka 23:36-45 BIBELE (SSO89SO)

36. Le bahlabani ba mo soma; ba atamela, ba mo fa asene,

37. mme ba re: “Ha o le kgosi ya Bajuda, ipholose he!”

38. Kahodimo ho yena ho ne ho ena le lengolo le reng: enwa ke kgosi ya bajuda.

39. Se seng sa disenyi tse fanyehilweng se ne se mo nyefola, se re: “Na ha o Kreste na? Ipholose, le rona o re pholose!”

40. Empa se seng sa araba, sa se kgalemela, sa re: “Na wena ha o tshabe Modimo, empa le le kahlolong e tshwanang?

41. Rona re hlile re ahlotswe ka toka, hobane re amohela moputso wa diketso tsa rona; athe yena ha a ka a etsa letho le sa lokang.”

42. Sa ba sa re: “Jesu, ako nkgopole ha o etla ka matla a hao a borena.”

43. A re ho sona: “Ruri ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna paradeising.”

44. E ne e ka ba hora ya leshome le metso e mmedi motsheare, ha lefifi le aparela naha yohle ho fihlela ka hora ya boraro motsheare wa mantsiboya,

45. letsatsi le ntse le fifetse; yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare.

Luka 23