19. Barabase eo o ne a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere o ileng wa eba teng hara motse le ka baka la polao.
20. Pilato a bua le bona hape, a rata ho lokolla Jesu.
21. Empa ba howa, ba re: “Mo thakgise, mo thakgise!”
22. A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”
23. Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola.
24. Pilato a ahlola ka hore kopo ya bona e phethwe.
25. A lokolla eo ba neng ba mo kopa, ya neng a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere le polao, a ba neela Jesu ho etsa borata ka yena.
26. Ha ba ntse ba qhoba Jesu, ba tshwara motho e mong wa Sirene, ya bitswang Simone, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, a latela Jesu.
27. Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela.
28. Jesu a retelehela ho bona, a re: “Baradi ba Jerusalema, se nteleleng; iteleleng, le llele le bana ba lona,
29. hobane bonang, matsatsi a ya tla, ao ka wona ho tla thwe: <Ho lehlohonolo dinyopa, le popelo tse sa kang tsa tswala, le matswele a sa kang a anyesa.>
30. Ke moo ba tla qala ho re ho dithaba:“ <Re weleng hodimo!>“le ho maralla:“ <Re kwaheleng!>
31. “Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?”
32. Ba bang ba babedi, bao e neng e le disenyi, ba iswa ho ya bolawa le yena.
33. Ha ba fihlile sebakeng se bitswang Lehata, ba mo thakgisa teng le disenyi tseo, se seng ka ho letona, se seng ka ho le letshehadi.
34. Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
35. Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”
36. Le bahlabani ba mo soma; ba atamela, ba mo fa asene,
37. mme ba re: “Ha o le kgosi ya Bajuda, ipholose he!”